Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tha
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO 
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqe
Tsepamisa m
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
MOFETSHE (KANKERE) WA MATSWELE
Dipatlisiso di bontshitse hore mosadi a le mong ho ba 36 a ka ba le mofuta o itseng wa kankere; hape di bontshitse hore kankere e ka bolaya batho ba ka bang 500 000 ka selemo, mme ba ka bang 3 000 ba bona ke ba Afrika Borwa. Kankere ya matswele e tshajwa ke basadi bohle lefatsheng ka bophara, ho sa kgathalatsehe hore o na le dilemo tse kae kapa ke wa morabe ofe. Ha e kgetholle, e bolaya basadi ka bongata bo tshabehang.
Ho ya ka Martha Molete wa SANCA, mehleng ya kgale kankere e ne e le matla ho basadi ba dilemo tse ka hodimo ho 40. O re matsatsing a kajeno e se e hlasela le ba banyane ho feta moo. Basadi ba batho ba batsho le bona ba se ba lokela ho ba sedi le ho ngongoreha haholo tabeng ena, ka ha le bona e se e ba hlasela ho feta pele. Dilemong tse ka bang 20 tse fetileng e ne e le matla haholo ho basadi ba Makgowa. Sephetho se sibollotsweng le ho phatlalatswa ke lesedinyana la British Journal of Cancer maqalong a selemo, se bontshitse hore basadi ba batho ba batsho e ba hlasela ha ba le dilemong tse 40 mme ba Makgowa bona e ba hlasela ha ba le dilemong tse 67.
Kankere ya letswele ke mofuta wa kankere o fumanehang diseleng tsa matswele. Kankere e bakwa ke ha disele di tlaila mosebetsi wa tsona mme di qetelle di lobokane ebe sena se lebisa ntlheng ya ho re hlahala e bopehe. Nahana ha disele di se di tlaila mosebetsi wa tsona hore ho ba jwang. Di ba kotsi bophelong ba motho. Ka nako e nngwe di ka ba kotsi, mme ka e nngwe tsa se be kotsi. Ha jwale mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o se o fumane mefuta e fetang 70 ya dihlahala tsa matswele. Ha hlahala e na le kankere, e ka phatloha ya kena methapong ya madi, e phalle le ona e nto tlalatlala mmeleng mme e qetelle e dula le ha e ka ba kae feela mmeleng. Sena se bitswa ka ho re ke 'metastasis'.
Mofuta ona wa mofetshe (Kankere) o ka nna wa fetela matshwafong, sebeteng, bokong, masapong, haholoholo diphakeng, ditlhafung le dikgopong. Hape e rata ho kena letlalong la letswele, ka mahafing le masapong a molala. Sesupo sa pele sa kankere ya letswele ke hlahala. Ditshwelesa tse ka mahafing le tsona di ka nna tsa eba sesupo sa kankere. A mang a matshwao e ka ba ho fetoha ha boholo ba matswele, sebopeho sa ona, ho ba le dibotjhe (mekotjana) letsweleng kapa hona ho qhitsa lero letsweleng. Ha kankere ya letswele e hlasela, letlalo le shebahala e ka le ruruhile.
Kankere e ka hlasela batho bao lapeng ho nang le nalane ya motho ya kileng a tshwarwa ke yona, motho ya itsibolang ka mora dilemo tse 35, ngwana ya qalang ho ya dinakong tsa hae pele ho dilemo tse 12 kapa mosadi ya yang dinakong ho fihlela a le dilemo tse 50. Kankere e ka alafuwa ka khemotherapi (chemotherapy) e leng ho tjheswa ha kankere ka metjhini e ikgethang, ka ho ntshwa ha dithishu tse ngata letsweleng kapa ka ho sehuwa ha letswele kaofela.
Motho a ka itlhahloba kankere ka boyena kapa a hlahlojwa ke ngaka ka ho etsa diteko tsa 'mammography'. Ho hlahlojwa ka X-ray ho a potlaka mme ho ntsha diphetho tse nepahetseng, ho bile ho fokotsa menyetla ya ho hlaselwa ke kankere ka diperesente tse 20 ho ya ho tse 30.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa ho Bona, Mmesa 2008: 62 - 63
DIPOTSO:
Ke basadi ba dilemong dife ba neng ba tshwarwa ke lefu la kankere mehleng ya boholoholo?
Fana ka lebitso la lesedinyana la mokgatlo o entseng dipatlisiso wa ba wa phatlalatsa sephetho se bontshang ka moo lefu la kankere le hlaselang basadi ka teng.
Hobaneng ha lefu lena la kankere le tshajwa ke basadi bohle lefatsheng ka bophara?
Ho ya ka moelelo wa tema ee, ho hlaloswa eng ha ho thwe, 'kankere ha e kgetholle'?
Kankere e tshwara batho ka mabaka a itseng ho ya ka tema e ka hodimo. Tadima mabaka ana a latelang ebe o hlwaya lebaka le le leng le fosahetseng?
Ha ngwanana ya qalang dinako tsa hae a le dilemo tse ka tlase ho tse leshome le metso e mmedi .
Ha mosadi a bona dinako tsa hae ho fihlela a ba le dilemo tse mashome a mahlano .
Ha motho wa mme a qala ho ba le ngwana wa matsibolo a se a tlotse dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano .
Ha motho wa mme a se a hodile a le dilemong tse dipakeng tsa mashome a mane le tse mashome a tsheletseng le metso e supileng (40 - 60).
Ha e mong wa lelapa kapa wa leloko a kile a tshwarwa ke kankere.
Letshwao la pele le hlokolosi leo kankere e itshupang ka lona e ka ba le le leng ho a hlahisitsweng lenaneng lena le latelang. Kgetha le nepahetseng.
Disele tse tlailang mosebetsi wa tsona.
Hlahala.
Boholo ba matswele bo fetohang.
Disele tse lobokaneng.
Mekotjana e hlahellang letsweleng.
Ho ya ka wena, na mongodi wa tema ee ha a kgetholle ka ho ngola ka lefu le tshwarang basadi haholo? Tiisa karabo ya hao
Na o nahana hore setjhaba se ka fola/fumana/una/kgola ditholwana tse molemo ha se itlhahloba ho bona hore na ha se na kankere? Tshehetsa karabo ya hao.
Na o dumellana le maikutlo a mongodi a ho re sekgahla sa kankere se ka fokotswa? Hlalosa karabo ya hao.
TEMA YA 2
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso tse theilweng hodima yona.
PAPATSO
E jwalo ka sopho ya kgoho empa ha e a etswa ka kgoho. Ebile ha se le sopho.
Ho latela polokeho le pheko e tshepehang ho fodisa mahlaba le sefuba, bomme ba kgetha Panado. Phoka kopi e tjhesang o utlwe ha mahlaba a fela pele kopi e fela. Potlakela Medsip ha matshwao a mohatsela le ntaramane/flu e kokota monyako mme o tsote ha motswako o matla o sebetsa, o o thoba o bile o o hlabolla. Motswako ona o fumaneha ka tatso ya mahe a dinotshi/manyepe (honey) le lamunu e bodila (lemon) Medsip e na le Vitamin C ebile ha e na tartrazine.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona, Phato 2006
DIPOTSO:
Qolla polelo ho tswa temeng ena e susumetsang mmadi ho reka moriana ona
Bolela ditatso tse pedi tseo Panado Medsip e fumanehang ka tsona setshwantshong se ka hodimo.
Polelong e ka hodima setshwantsho, ho na le mantswe a ntshofaditsweng? O nahana hore ke hobaneng a ntshofaditswe?
Ebe polelo e ngotsweng ka botsho ke ntlha kapa mohopolo feela? Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa temana e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ka mora beke tse nne dithuto di se di qadile Turfloop, ya qala ho fokotseha thabo ya ho qala ho kena yunivesithing, dithuto tsa hakala, ra shebana le barupelli, ba batla mosebetsi wa bona. Meketenyana yane ya ho bula selemo e se e fedile. Motho o ne o ipotsa hore ba bang ba fihlile jwang moo, hoba ho ne ho se kwae komeng. O ne o tla fumana motho a takile mosebetsi wa hao ka pene e mmala o mofubedu, o bone eka qephe le dutla madi ke ho takwa, a botsa hore mosebetsi ona o o nka kae. Ba qala ho ntshulafalla bophelo ba yunivesithi hoja ke ne ke bo thabetse. Ka hopola Mpho ha a ne a re re ye Wits. Ka bona hore yena o a rutwa moo a leng teng e seng boloko boo re ntseng re bo jeswa mona.
Ha ke realo, ha ke bolele hore barupelli kaofela ba ne ba le jwalo, tjhe! Ba bang ba ne ba le hlwahlwa, motho a tseba mosebetsi wa hae, mme a o etsetsa makgetheng. Ba bang ba bona ke a ipotsa hore ba ne ba kgona jwang lefifing leo. Bana ke ba neng ba re kgothatsa, re matlafala ha re hopola ka moo ba rutang ka teng. O ne o ka bona ha barutwana ba ya thutong tsa bona ba hatela hodimo, ba phahametse mapoqo, ba nyoretswe thuto. Ka nqe nngwe le ho barutwana ho ne ho ntse ho le jwalo, ho na le ba tlisitseng papadi le boithabiso, motho a pheta sehlopha a sa tswa se pheta.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya 'Kweetsa ya pelo ya motho', NP Maake, 1995:62
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
TEMA YA 1
Bala tema ena o ntano araba dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Nakong ena basebetsi bana ba ne ba qhomaka ba kopanya mohobelo le moqoqopelo. Ka nako e nngwe ba binela tlase ha e mong yena a tleroletse hodimo, a etsa thoko e hlalosang ka moo ba sebetsang ha boima ka teng mona bookelong le tshwaro e mpe eo ba phelang tlasa yona. Ha ke utlwa tsena ka utlwa bohloko ka nnete. Ka maikutlo ka lla le bona. Kelellong ya ka ha nna ha phatsima sefahleho sa Tshepiso Seboni, ha a ne a tlilo mpona la qetelo pele ho tsena. Ka bona ho sarelwa ha hae. Tjhe, ka utlwisisa jwale. Ka utlwisisa boitseko ba bona. Ka hoo le nna ka ikenya eteng tsa bona.
Ka mora nakwana basebetsi bana ba batho ba nna ba tsamaya ka dihlotshwana jwalo ho fihlela ba be ba nyamela. Ha sala ho thotse tu mona bookelong!
Mantsiboya ke ne ke dutse ke le mong ke hlorile, ke lapile, ke nahana ka bophelo ba ka. Lenyora le lona le iphile matla. Ka mona ngaka e nkwalletse tjhankaneng ya bethe. Ke tlanngwe maoto. Ha nka shwela moo ke ntse ke tlanngwe maoto? Ena ke potso e ileng ya ntshosa. Ke ne ke le tsietsing jwale. Ka hoo, ka lokela ho leka matsapa ohle. Ntho ya pele, ka qala ka ho kgaola seo ke neng ke tlamelletswe betheng ya sona. Ka itahlela fatshe ho ya batla metsi le seo nka se jang. Ke ne ke se ke sa kgathalle molao wa ngaka, ke habile ho pholosa bophelo ba ka. Ka hahaba ka tswa.
Ha ke qeta ho tswa ka phaposing, ka fumana mangolo a hasane fatshe. Ka bala le leng la ona. Mona basebetsi ba ne ba tsebisa beng ba bakudi ho tla lata bakudi ba bona, ka ha bona basebetsi ba ne ba ka nna ba ngala mosebetsi hona tsatsing leo. Hona ha mpontsha hore e ka nna ya ba nnete hore ke setse ke le mong mona bookelong. Ka ya pompong ho ya nwa metsi. Metsi a ne a le siyo. Ka boela ka ya ho e nngwe, le teng a ne a ntse a le siyo. Ka hoeletsa. Ha se be le motho ya hlahang. Ka bona lebokose le le leholo le lefubedu thokwana mane. Mangole a ka a nthusa ho ya fihla ho lona.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya 'Makumane a thata a bophelo' JM Maqubela, 1997:37
Dipolelong tse latelang ho sebedisitswe maadingwa/melata. Ngola mantswe a nepahetseng a Sesotho a fumanwang temeng.
Ha sala ho thotse tu mona sepetlele!
Ka hoo ka lokela ho leka dipolane.
Polelong ena e latelang lekgethi le sehelletswe mola: 'Bana ba banyenyane ba amohetswe bookelong.' Seratswaneng sa pele qolla lekgethi le le leng o be o le sebedise polelong ya hao.
Polelo ena: 'Ke habile ho pholosa bophelo ba ka', e ngole hape empa jwale o se o e fetoletse boiketsing.
Polelong e latelang fetolela leetsi le sehelletsweng mola ho leetsisi
Ka bala le leng la ona.
Sebedisa mantswe a latelang dipolelong tseo e leng tsa hao:
hahaba hasana
Boela o ngole polelo ena hape, feela bakeng sa mantswe a ntshofaditsweng o ngole lentswe le le leng:
Qetella polelo ena ka leetsisa/leetsisamodumo le nepahetseng:
Ke ne ke dutse ke le mong ...
Ngola polelo e latelang hape empa o e fetolele sebopehong sa potso eo karabo ya yona e tla ba (supa) lehlalosi la sebaka/tulo.
Fetolela polelo e latelang ho lekgathe lejwale letswelli: 'Mangole a ka a nthusa ho ya fihla ho lona.'
Ngola polelo e latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Ena ke potso e ileng ya ntshosa.
Hlopholla/qhaqholla polelomararane e latelang ka ho ngola dipolelwana tse boletsweng.
Basebetsi ba binela tlase thoko e hlalosang ka moo ba sotlwang ka teng.
Polelwanakutu
Polelwanakgethi
Nehelana ka mahlalosonngwe/disinonime tsa mantswe a latelang o be o iketsetse dipolelo ka ona:
phatsima tjhankana
Lebitso lena mohobelo, le tswa ho leetsi 'hobela'. Ka maetsi a latelang ipopele mabitso o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
nahana nwa
TEMA YA 2
Bala tema e latelang o nto araba dipotso tse theilweng hodima yona.
Ke sa ntse ke balabala jwalo, batho refo, ba ema diphashasha. Moo ke ntseng ke thalatsa mahlo, ke ha ba nwabeleditse ba habile kalaneng. Ha ba fihla, ba fihla ba fola moo, ke anetse ho ba re hedi feela, mme ka bona eka tonakgolo e potilwe ke dihlooho tse pedi tsa mafapha a itseng. Letsoho la hae lona, mofumahadi Hatabatsabatho, ke ha a le haufiufi le yena. Phutheho ya emela hore tonakgolo le moifo wa hae ba dule fatshe. Ka mora moo, ya ba hona yona e dulang. Ka ha tsona di sa timanwe jwalo ka bohobe, menyenyetsi e ne e se e ntse e ipetsa hore ho na le letona le seng le rathilwe ke selepe. Jwale kajeno setjhaba se tlo tsebiswa taba eo.
Ho ya ka tema ena, mantswe a latelang a sebedisitswe ho supa moelelo ofe? Hlalosa seo o se bolelang.
Ke mantswe afe a tsebisang hore ka nako eo, mopheti wa ditaba tsena o ntse a bua ka pelo?
Shebisisa polelo ena hantle o nto araba potso e e latelang:
Ho na le letona le seng le rathilwe ke selepe.' Ka puo e tlwaelehileng polelo ena e reng?
Makgabane a kgothalletswang ke tema ena ke afe? Hobaneng o realo?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
